I.p.c.c. O Mohau Скачать

I.p.c.c. O Mohau

I.p.c.c.

O Mohau

35 прослушиваний
05:10
Все треки I.p.c.c. Текст песни
Слушать
Скачать песню

Текст песни «O Mohau»

I.p.c.c.

O mohau wa Modimo
Ke kwetsa e kaakang!
E ka ba o fe molomo
O ka o bolelang?
'Na, esale o mphihlela
Ke maketse feela!
'Na, esale o mphihlela
Ke maketse feela!

Modimo o n'o mphumane
Tseleng ya tahleho
Tsa lefatshe di ntahile
Ke fedile Kutlo
Ke pheela, ke mathela
Bosawana feela
Ke pheela, ke mathela
Bosawana feela

Ke buswa ke ditakatso
Tse jang pelo yaka
Di mpofile ke le mofo
Ke hola le tsona
Ke ne ke se na ho hana
Le ha di mpolaya
Ke ne ke sa ho hana, le ha di mpolaya

Jo, motho ya thotofetseng
Ya sheleng le mahlo
Ka mathela boreleding
Dintshing tsa selomo!
Jo 'na, ke ne ke mo soma
Ya reng wa ntemosa!
Jo'na, ke ne ke mo soma
Ya reng wa ntemosa!

Ke ha ntate a mphallela
Ke mohau wa hae
Hoja o ntlohetse fela
Na nka be ke le kae?
A phakisa a ntlhoibila
A ntshwara ka phela
A phakisa a ntlhoibila
A ntshwara ka phela

Ke ha a mpusetsa tseleng
A 'neya le kutlo
A kgaola tse ntlamileng
A mpha le bophelo
Ka utlwa ke fetohile
Mme ke pholohile!

На странице доступен трек O Mohau от I.p.c.c. (05:10). Слушайте онлайн или загрузите в mp3 в один клик бесплатно на свое устройство — выше есть текст песни.

Другие песни I.p.c.c.

Свежее на Muzfrog

Все новинки →